TEKANO MOSEBETSING LE MOLAO WA TEKANO
SELELEKELA
Tekano Mosebetsing ke eng?
Tekano Mosebetsing ke
Menyetla e lekanang le tshwaro e nang le toka mosebetsing ke phediso ya kgethollo e nang le leeme;
le phethathatso ya ?mehato ya tokiso ho rarolla mathata a mosebetsi ao batho ba tswang dihlopheng tse itseng the qoholotsweng ba thulanang le ona, ka morero wa ho netefatsa hore ho na le boemedi ba bona bo lekanang mekgahlelong yohle ya mosebetsi le maemong a moifo wa tshebetso.?
Sepheo sa Molao wa Tekano Mosebetsing ke sefe?
Ntshetsopele ya tokelo ya molao wa motheo ya tekano le tshebediso ya demokrasi ya nnete;
Phediso ya kgethollo e nang le leeme mosebetsing;
Netefatso ya phethahatso ya mehato ya tokiso ho rarolla mathata a tlisitsweng ke kgethollo;
Ho fihlela moifo wa tshebetso o nang le boemedi bo nammeng ba batho ba rona
Ho kgothaletsa ntshetsopele ya moruo le moifo wa tshebetso o sebetsang hantle
Ho rotetsa boitlamo ba Rephaboliki jwalo ka setho sa Mokgatlo wa Matjhaba wa Basebetsi.
Ke mang ya sireleditsweng ke molao?
Molao ona o sebetsa ho basebetsi kaofela ho kenyeleditswe le ho beng ba mosebetsi mesebetsing ya praevete le ya setjhaba. Kgaolo ya thibelo ya kgethollo e nang le leeme e sebetsa ho beng ba mosebetsi kaofela, ha kgaolo ya mehato ya tokiso e sebetsa feela ho beng ba mosebetsi ba hlwauweng.
Ke mang ya sa sireletswang ke Molao ona?
Lebotho la Tshireletso la Afrika Borwa;
Balaodi le moifo wa Comsec.
THIBELO YA KGETHOLLO E HLOKANG TOKA
Ho latela Molao, kgethollo e hlokang toka ke e jwang?
Kgethollo e hlokang toka ke mofuta ofe kapa ofe wa kgethollo e hlokang toka ho latela le leng la mabaka a latelang: botjhaba, bong, botona kapa botshehadi, boimana, boemo ba lenyalo, boikarabelo ba lelapa, setso kapa setjhaba seo o tabohang ho sona, lebala, tshekamelo tsa botona kapa botshehadi, dilemo, kgolofalo, tumelo, boemo ba HIV, maikutlo a kgetho ya se nepahetseng le se fosahetseng, kgolo, maikutlo a dipolotiki, botjhaba, puo le tswalo (karolo ya 6 ya Molao wa Tekano Mosebetsing).
Kgethollo e hlokang leeme ke eng ho latela Molao?
Ho sebedisa mehato ya tokiso e tsamaelanang le sepheo sa Molao le
Ho kgetholla, ho tehela ka thoko kapa ho kgetha motho ofe kapa ofe ho latela motheo wa tlhoko e matahantsweng le mosebetsi.
Mehato ya tokiso ho latela Molao ke efe?
Molao o hlalosa hore mehato ya tokiso ke mehato e reretsweng ho netefatsa hore motho ya lokelang ya tswang sehlopheng se itseng se qoholehileng o fumana menyetla e lekanang ya mosebetsi mme batho bana ba fumana boemedi bo lekanang mekgeng ya mosebetsi le maemong a sebaka sa tshebetso sa monga mosebetsi ya qoholehileng.
Ditlhoko tse matahantsweng le mosebetsi ke dife?
Beng ba mosebetsi le bona ba ka nna ba kgona ho arabela kgethollong e nang le leeme e bolediswang ka ho bontsha hore leano, molawana kapa tlwaelo e na le toka ho latela motheo wa makgetholli a itseng kapa dipabolo tse hlokehang tsa ho etsa mosebetsi oo.
Kgethollo e otlolohileng ke eng?
Kgethollo e otlolohileng e etsahala ha motho a sa tshwarwa hantle ho feta e mong boemong bo bapisehang bo thehilweng ho a mang a mabaka a hlahisitsweng lenaneng karolong ya 6 kapa ho latela lebaka lefe kapa lefe le leng feela (ekasitana le ha lebaka lena le sa hlahe lenaneng).
Kgethollo e sa otlolohang e bolela maano le ditlwaelo tse bohareng tse sa kgeseng batho ka tsela e totobetseng ho latela motheo wa mabaka afe kapa afe a hlahang lenaneng (le mabaka a ka bang teng a sa hlaheng lenaneng la Molao) empa a na le tshwaetso ya kgethollo dihlopheng tse ikgethang kapa ho batho ba itseng.
Tlhekefetso ho latela Molao ke eng?
Tlhekefetso e ka hlaloswa e le paterone kapa tlwaelo ya maikutlo a tenang kapa boitshwaro bo kapa bo lokelang hore e be bo a tsejwa hore ha bo amohelehe. Ka mantswe a mang ke boitshwaro, bo halefisang kapa bo tenang molli kapa motletlebi bo tsejwang kapa bo lokelang ho tsejwa hore ha bo thabelwe.
Molao wa Tekano Mosebetsing o sebetsana le tlhekefetso ka mokgwa o jwang?
Molao wa Tekano Mosebetsing o sebetsana le tlhekefetso jwalo ka mofuta wa kgethollo e nang le leeme mme ka hoo beng ba mosebetsi ba tlameha ho nka mehato ho fedisa le ho thibela tlhekefetso sebakeng sa mosebetsi. Moo tlhekefetso e etsahalang nakong ya mosebetsi e tliswang tlhokomelong ya ramosebetsi mme ramosebetsi a sa nke mehato e loketseng ho rarolla bothata bona, ramosebetsi o tla jara boikarabelo ba tlhekefetso eo. Jwalo ka mefuta kaofela ya kgethollo, moo ho bolediswang kgethollo teng, ramosebetsi o lokela ho bontsha hore ho ne ho se na kgethollo kapa kgethollo eo e ne e na le toka.
Ho latela karolo ya 7 ho na le thibelo e phethahetseng ya ho hlahloba boemo ba HIV ho mosebetsi ntle le ha Lekgotla la Basebetsi le:
Tsepamisitse hore tlhatlhobo e jwalo e na le toka.
Behile dipehelo tse amanang le mekgahlelo ya basebetsi ba ka hlahlobuwang, nako eo tlhatlhobo ena e sebetsang ka yona, le dipotso tse potapotileng taba ya ho bolokwa ha lesedi lena e le sephiri.
MOHATO WA TOKISO
Ditlhoko tsa ditherisano tsa Molao ke dife?
Molao o hloka hore ramosebetsi ya qoholehileng a rerisane le moemedi wa mokgatlo wa mosebetsi o emetseng basebetsi sebakeng sa mosebetsi mabapi le:
tlhophiso le phethahatso ya moralo wa tekano mosebetsing;
tlhophiso ya tlaleho ya tekano mosebetsing.
Boramosebetsi ba bang ba tla hloka ho lekola ka moo ba lokelang ho hlalosa ?sebaka sa mosebetsi? ka teng ka sepheo sa Molao. Molao ha o hlakise hantle, mohlala, hore naa feme e nngwe le e nngwe eo eleng ya khampani e lokela ho ba le ditherisano tse ka thoko kapa tshebetso e ikemetseng ya moralo, kapa tshebetso e le nngwe e akaretsang tseo tsohle e tla anela. Boramosebetsi ba ka nna ba lakatsa ho buisana le mekgatlo ya basebetsi ka ntlha ena, le ha qetellong batsamaisi ba na le hona ho ka etsa qeto ya hore ba tla tshwara dipuisano le basebetsi ba boemo bofe.
Thibelo ya Tekano Mosebetsing ke efe?
Thibelo e teng moo leano, tlwaelo kapa karolo ya tikoloho ya mosebetsi e sitisang menyetla ya basebetsi hobane e le basebetsi ba tswang dihlopheng tse qoholehileng.
Tlhoko ya tlaleho ya Tekano Mosebetsing ke efe?
Beng ba mesebetsi ba tshwanetse ho nehelana ka tlaleho ya bona ya pele ho Molaodi Kakaretso nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tsa nako ya tshebetso ya Molao (eleng hore moralo o sebetsa ho tloha ka Phupjane 2000), kapa mohla ba fetohileng boramosebetsi ba qoholehileng mme ba nehelane ka tlaleho selemo le selemo ka morao ho moo letsatsing la pele la kgwedi ya Mphalane.
Ditlaleho di lokela ho ba le dikarolo tse hlokehang mme di saenwe ke Mohlanka e Moholo wa Phethiso.
Ditlaleho kaofela ke ditokomane tsa setjhaba
Boramosebetsi ba qoholehileng bao eleng dikhampani tsa setjhaba ba lokela ho phatlalatsa kgutsufatso ya tlaleho ya bona jwalo ka karolo ya tlaleho ya bona ya ditjhelete ya selemo le selemo.
Ditlaleho tse hlophisitsweng ke makala a Mmuso di lokela ho tekwa ka pele ho palamente.
Molao o tadima boinyalanyo le molao jwang?
Molao o toboketsa boitaolo le ho beha boikarabelo ho basebetsi le baemedi ba bona ho hlahisa lentswe la bona hore le utlwahale ha ba dumela hore ramosebetsi wa bona ha ikamahanye le Molao.
Tefiso ya tjhelete ya kotlo
Ho tehelwa ka thoko hore khampani e ka fumana dikonteraka tsa mmuso.
Tshenyeho ya lebitso le letle la khampani.
